Saturday, October 26, 2013

JOO, LE TLA SHWA - LE TLA BOTSWA

Bolaji's play in Sesotho - JOO, LE TLA SHWA - LE TLA BOTSWA - originally published in English as The subtle transgressor (2006)

Thursday, October 24, 2013

SELELEKELA: OMOSEYE BOLAJI (Introducing Omoseye Bolaji the Writer in the Sesotho Language)

Ka Pule Lechesa/By Pule Lechesa Bongata ba batho ba bohileng dintho tse etsahalang lefatsheng, ho kenyelletswa le ba monaba ipitsang ka hore ke boramahlale ba mehopolo ya bophelo ba dula ba re re dula lefatsheng le felletswengke tsebo ya botle le bobe le hona ho timela. Ho ka nna ha etsahala hore ebe taba tsena tsa bona ke nnete, empa ha re boha setshwantsho se seholo se re bontsha hore dintho tse tshwarehang tseo batho ba dirata dieketsehile. Mona lefatsheng batho ba santsaneng ba ile le kgongwana hodimo ke menyetla enaetliswang ke boramahlale ba kajeno, mme le batjha ba rona ba phelela sejwale-jwale manti-sebele.
Ditsela tsa rona tsa dipuisano mehleng ena ya jwale dire tiisetsa taba ena hantle haholo. Ha se kgale ha batho lefatshenglohle ba ne ba buisana haholo ka difonofono; ba qadile ka mehala ya malapeng, ya ba ka mora nakonyanae seng kae ke ha ho kena mehala ya thekeng. Empa ke ya hlapanyake re haele difonofono tsa theko e hodimo tsa sejwalejwale di nkile lefatshe ka sekgahla se makatsa.Ke tla be ke safeteletse ditaba ha kere batho ba bangata ba ditoropong ke makgoba a marangrang a dipuisano tsa setjhaba a kang bo-Facebook, bo-twitter, bo-mxit jwalojwalo. Boikgutso ba mehleng ya bophelo ba pele ke ntho eo re e kgallang feela rona ba bang. Dingolweng tsa hae tse ngata, Ntate Omoseye Bolaji o dula a tshwela ka mathe boemo bona bo sa jeseng ditheohelang. O rata ho dula a nahana ka bophelo ba nako tsa dilemong tse ka bang mashome a mahlano, a lekgolo, a makgolo a mabeditse fetileng ha bophelo bo sa le bonolo. Ha batho bane ba sa ntsaneng ba kgona ho bona botle ba tlhaho, ba sa na le dikamano tse ntle ho sena dintho tsena tsa sejwalejwale. Ho teha ka mohlala, Bolaji o hopola dithope tsa lelapa la bo Emily, Charlotte and Anne Bronte(lelapa la dingodi tse hlwahlwa tsa basetsana baphetseng dilemong tse makgolo a mabedi tse fetileng) baneba bala haholo, ba tsamaya ho thapolla maoto, ba boha botle ba dipalesa, ba rata diphoofolo tsa bona tsa hae jwalojwalo – ka ha nakong tseo hone ho sena dintho tsa ho tshwana le motlakase, diyalemoya, dibapalamotadingwana, ha ke sa buaka ditlabotjha tsena tse kang DSTV, ‘Internet’ le mehala ya thekeng.
Ha re tsepamisa maikutlo ho dingodi tsa mmakgonthe tsa kgale tse kang bo Charles Dickens le Thomas Hardy (ba phetseng nako tsa bo 19th) boqhetseke ba bona ba ho nahana bo o bontsha hantle hore batho ba sejwalejwale ba lahlehetswe haholo. Ka nnete-nete, matsatsing a kajeno, batho ba tshoha ba bile le nako ya ho nahana kapa hona ho boha botle ba tlhaho. Monghadi Thomas Hardy o ngotsea sa fellwe, a tsholla diratswana ka dintho tse kang difate, jwang, dinotshi, seratswana sa temo, temo jwalo jwalo. Hone hole powaneng hore dintho tsena tseo a neng a ngola ka tsonao ne a phela letsona. Mehleng ya kajeno ha ho sa le jwalo hobane re se re na le dintho tsa sejwalejwale marangrang a dipuisano.Lerato le na la dintho tsa sejwalejwale di etsa hore bonono le setso diseke tsa ntshetswapele. Dingodi tsa mmakgonthe dikae mona Aforika, mme ba ba kae ba bona ba ngolang ka maphelo a mahaeng, bophelo ba Aforika nnete sebele? Nnete ke hore ho ngola ka dintho tsena ke taba e ileng le mala le mohodu,dingodi tsa mehleng ya kajeno ha ba tsebe letho ka yona. Re lahlehelwa ke bongodi ba rona bannete ba Aforika, bo senang tswaetso efe kapa efe; le thlase ya rona ya bongodi ebang re na le yona, e tliswa ke mehlodi e ‘mebe.’ Bolaji ke mokaubere bongoding o na le dilemong tse ka bang mashome a mararo a ngola le hoja a sa ntsaneng a le dilemong tsa bo mashome a mane. Mohlomong ke ka hona a ratang ho ipitsa ‘monnamoholo.’ O qadile ho phatlalatsa dibuka tsa hae a sa le monyenyane dilemong (o na le buka ya hae ya pele e ile ya phatlalatswa mose ka 1988). Oile a phatlalatsa haholo kabo 1990 mme a hla a hlwa mekwalaba kabo 2000-2004. Le ha jwale o ntse a phatlalatsa e meng ya mesebetsi ya hae, mme dilemong tse fetileng tsa bo 2011-2013 one a phatlalatsadibuka tse ka bang pedi kapa tse tharo selemong.Ha ho totobetse hore ‘bongodi ke ntho eo a tswetsweng le yona’ jwalo ka ha sengodi se bitswang Ishmael Soqaga a kile a hatella taba eo. Dikarolo tsa bongodi tseo Bolaji angotseng ho tsona di bontsha hantle hore o tseba taba tsa hae.
Ho batho ba bangata ba motseba e le mongodi ya hlwahlwa wadibuka tsa boiqapelo mme dibuka tsa hae tse ka bang leshome di paka taba ena. Empa o ngotse dibuka tsa dithothokiso; meqoqo e monate ka dingolwa e phatlaladitswe dibukeng tse ngata dilemong tse mmalwa tse fetileng. Ke mongodi wa dibuka tsa dipadi, buka tsa maphelo a batho, o ngola tsa dipapadi le ditaba ka kakaretso masedinyaneng. Na ho a hlokahala hore ke be ke hlalose hore ke mokaubere wa moqolotsi wa ditaba le bohlophisi ba masedinyana.Ena ke karolo ya hae eo batho ba e tlodisang mahlo ka hodimo ka baka la tema e kgolo eo a e kgathileng dingolweng ka kakaretso. Empa ha e le mosebetsi wa ho hlophisa masedinyana, ho ngola diratswana masedinyaneng o na le dilemo tse ka bang mashome a mabedi ao e tsa, ke rata hotiisa hore mosebetsi ona ha se nthonyana – ka ha masedinyana a phatlalatswa kgafetsakgafetsa. Batho ba kileng ba kopana le Bolaji bophelong ka mokgwa wa hore bahle ba tsebane, ba tla o bolella hore o phela lefatsheng la hae a le mong, moo a sa tshwaetshweng ke dintho tseo batho ba diratang lefatshe empa o thabela mokgwa oo bophelo bo leng ka teng. Tsebo eo Bolaji a nang le yona ya nalane, jwalo ka MoAforika e etsa hore a se hohelwe ke dintho tsa sejwalejwale. Ke ka hona o tla bona a na le fonofono tse theko e tlase, di-laptop, di-dvd players jwalojwalo tseo a disebedisang; empa a ntse a na le tse ding tsa theko e hodimo tseo a difuweng e le dimpho. Kgahlano le seo batho ba se nahanang, Bolaji o rata jwala ba veine, dipapadi, mmino, le ho shebella sebapalamotadingwana ka nako tsa ho ikgatholla ha hae.Empa haho potang hore dingolwa di bohlokwa ho fitisisa ho yena. O ka bona ka moo a kgothaleditseng batho ba bangata ho rata ho bala le ho ngola ka teng ha hona tekanyo, hona ho bontsha hore ke ntho eo a e ratang haholo – jwalo ka nna feela. Ke rata ho ipolela dibe, dilemong tse mmalwa tse fetileng nkile ka bala bukana Bolajieo a ngolang ho yona dintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi.
Ke ne ke e bala ntle le tumello ya hae mme ke ne ke maketse haholo ha ke lemoha hore bukana ena ya hae etletse dintho tse etsahalang feela lepatlelong la bonono le setso lefatshe ka bophara. E ne e ka ha ana bophelo ba hae bo ikgethileng; e bile eka ha hona ntho e ka mothabisang ho feta tse amanang dingolwa. O ne a ngotse ditaba tsa hae ka bokgutswanyane ho latela matsatsi ohle ao di etsahetseng ka ona, boholo o ne a bua ka tsa dingolwa mohlala. “Kajeno ke kopane le sekgutlwanase kgethehileng seo batho ba bua ka dingolwa ho sona mona inthaneteng.”“Ke kgonne ho ngola seratswana saka sa lesedinyana kajeno…puo ya ka e lahlehelwa ke boleng… haesale hantle jwalo ka pele.” Jwalo jwalo. Ka bo madimabe Bolaji o ile a nkgabeletsa ke ntse ke bala mme o ile a etsa eka o kwentse tedu: ”Ke tlo o qosa, sekebekwa towe!” ke yena eo(o rata ho bitsa batho sekebekwa mme haose o motlwaetse o tla lemoha hore o ya swaswa.) Motho o ka ipotsa hore ke hobaneng batho ba tshwanang le Bolaji ba itelletse ho ntshetsa tjantjello ya bona ya dingolwa pele. Ke ntho e sa tlwahelehang hore rona MaAforika ha re ya tumakantho tse jwalo ka ho hloka borona; haholo jwang ho sena ntho tse tswarehang tseo re diunang ho tswa nthong eo. Ntho e mpe ka ho fetisisa ke boqhekanyetsi bo tsamayang le boitelo. Batho ba kang bo-Bolaji kgale ba jellwa ka kobong ke batho bao a neng a ba thusa haholo. Jwalo ka ha le nna nkile ka retlwa ke ntse ke phela ke ya o tiisetsa ho bohloko, empa Bolaji o iphapanyetsa yona taba ena mme o tswela pele ka ho ‘’sebeletsa bonono le setso” Re sa le tabeng yona ena nkile ka utlwa Bolaji a bolella Paul Lothane – emong wa ditsibi tsa dingolwa- hore “ha se bolathalatha” ntho eo a tummeng ka yona. Ha ke etsa dintho tsena tsohle, ke di etsetsa dingolwa, e seng ba keng sa batho ba unang molemo wa nakwana ho seo ke ba etseditseng sona. E re ke o jwetse ho sa natsahale hore na o ya nkgolwa kapa tjhe tseba kena le lethabo le kgaphatsehang ha ke etsa tsena tsohle ke bile ke sebedisa dintho tsa ka” Ha se ntho e makatsang hore e be Bolaji o rata Aryan Kaganof(eo e leng sengodi ebile e le mohlophisi wa ditshwantsho) haholo. Kaganof ke emong wa batho ba itelletseng ho ntshetsa lefatshe la bonono le setso pele.
Jwalo ka ditsibi tsa dingolwa, re rata ho nahana ka “tshusumetso ya dingolwa.” Ke eng e susumeditseng Bolaji hore a rate dingolwa ho tloha a sa le monyenyane, mme a be a nke qeto ya ho ntshetsa lerato leo pele bophelong ba hae bohle.Ntho e thabisang, Bolaji o boletse hore ho tloha mohlang a rata bongodi “ha a ka nahana hore a ka etsa tjhelete ka hoba mongodi.” Hona ho fapane le tumelo kapa ponelopelo ya dingodi tse ngata tsa Afrika. Hona ho o bontsha hore o kene dingolweng ka mohopolo o hlaphohetsweng ke ka hona ha a ntse a utlwiswa bohloko, a kula kgafetsa, a qhekanyetswa empa a sa weng moya lefatsheng la bongodi. Ha re kgutlela ho tshusumetso ya dingolwa. Ntho e thabisang haholo, re kgona ho fumana mehlodi e mengata bopaking ba Bolaji ba dilemo tse ngata tse fetileng…ho tswa ho diratswana tsa hae masedinyaneng, meqoqong ya dibuka, le dipuisanong tsa hae. Empa ha ho bonolo feela jwalo.Re lokela hore re se re mokgwa ke ona feela, kapa ra bua re akaretsa ha re bua ka dingodi. Sebaka se molemo sa ho qala ke hore re a rohanye bophelo ba mongodi ba botjha le ba boholo. Re ya tseba hore Bolaji ha e sa le motjha o badile dibuka tse ngata tsa bana tsa mafokisi mme a qetella a se a bala tsa batho ba baholo.
Batho ba mmalwa, ha mmoho le dingodi, ha ba rate boemo boo ho bona ho bontshwang bohlotsa le dintle tsa buka, empa Bolaji yena o ya dirata; karolo ena ke eo batho ba sa e utlwisiseng, ba e hloile, haholo batho bas a e utlwisiseng ke dingodi tse ngata tsa Aforika. Nkile ka batla maikutlo a Bolaji ka taba ena mme o ile a dumela hore ha a sa le monyenyane a ntse a ngotse dibuka tse monna o ne a sa tsebe letho ka hore motho e mong a ka bala buka ho bontsha bohlotsa le dintle tsa buka ya hae. O qadile ho tseba ka yona a se a le dilemo tse mashome a mabedimme e ile ya etsa hore a hole dingolweng. Karolo ya hae ya ratang ho e etsa ke ho fumana neo e ntjha mme a e hodise. Ke mohlala o motle tabeng ena; ho fihlela lena le ho hodimo ha ke tsebe hore Bolaji o tsebile jwang hore nka kgona ho ngola dibuka tse shebanang le bohlotsa ba mongodi. Ha se nna feela, ba bang ke bo Raphael Mokoena, Ishmael Sogaqa le Giwa ba ile ba kgothatswa ke Bolaji hore ba shebane le “dingolwa tsa Mantlha.” Petro Schonfeld e le sengodi sa motho ya mosweu eo a phatlaladitse buka eoho yona a neng a bua ka dibuka tsa Bolaji o re Bolaji kile a re ho yena: “O na le mohopolo o motle wa hore o ka bona dintho ka leihlo le itseng... o lokela ho ngola buka e jwalo” Nakong tse mmalwa tse fetileng, nkile ka bala seratswana ho “Wikipedia” moo ho bolelwang hore Bolaji o fumane tshwahetso ya bongodi ho tswa ho dingoding tse kang BoSidney Sheldon, bo-Dick Francis and bo-Agatha Christie. Mohlomong ba bua nnete empa ke rata hore ke nnete e ya ka mmoho. Holatela seo Bolaji a se boletseng, a se ngotseng, le ho latela dibuka tsa hae tseo ke di badileng, ha ke dumele a fumane tshwaetso ho batho bao ba seng ba boletswe.
Mona re bua ke monna ya kileng a bala makgolokgolo a di bukadilemong tse fetileng, mme o se a na le mokgwa wa hae wa o ikgehileng wa ho ngola. Nka re tshwaetso ha hae ya ho ngola e tswa bothong ba hae. Empa dingolwa tsa hae tsa boiqapelo – mohlala le tsona diratswana tsa hae tsa masedinyaneng; ke ka makgetlo a makae re bona batho ba bohlokwa ho yena, ha mmoho le yena a ‘betla meno’ ka mokgwa o belaetsang.Bolaji o ratilemongodi ya bitswang Peter Cheyney ho tloha botjheng ba hae.Lehoja nkile ka bala tse pedinyana ke ile ka lemoha hore baphethwa ba hae ba dula ba “betlile meno.” Hona ho bonahala e le ntho e ileng ya thabisa Bolaji ho tloha bonyaneng ka ha ke ntho eo a ratang ho e etsa le yena. Re lokela ho hopola hore dilemong tse fetile, ha a sa le monyenyane Bolaji o badile dibuka tse ngata tse ngotsweng ke diqhoku tsa dingodi tsamona Aforika. Jwalo ka ha a hopola: “Mehleng eoya rona malapa ohle mahaeng le ditoropongtsa rona, bathobane ba na le dibuka tse ngata tsa dingodi tsa Aforika; o ka nahana fela rona ka ha ntate waka e ne e le mohlophisi wa masedinyana e bile e le sengodi.Matsatsing ao dibuka di ne di le ditheko tse tlase mehleng eo hosanatsahale hore dingotswe ke bangodi ba mosekapa ba rona mona Aforika.” Batho ba kileng ba baladipadi tsa bangodi ba Aforika batla lemoha hore ha hona mokgwa o hlwahilweng e le ona o nepahetseng wa ho ngola. Le mafatsheng a mang ha hona mokgwa o hlwahilweng e le ona o latelwang ha ho ngolwa.Dingolwa di qala ho tsa maemo a hodimo hona le tse thata hore o ka diutlwisisa tse bonolo tse ikgethileng. Tse ding ke tsa boemo bo hodimo jwalo ka ha re bona dibukeng tsa batho ba tshwanang le Bo-Lenrie Peters, Bo-Dambuzo Marechera le Bo-Wole Soyinka; ho ya fihla ho dingodi tse ding tse ngolang ka mokgwa o bonolo hoo batho ba kgonang ho bala ba be ba utlwisise. Ke bua k a boChinua Achebe, Ngugi wa Thiong’o, Ayi kwei Armah jwalojwalo. Ka mefuta ena e mengata motho ya bala feela a sa le monyane a ka thabela a ba a aithuta ho tswa ho ditsibi dingoding tsa Aforika. A bile a ntse a bala ba bangata ba mose. Ha ho potang Bolaji le yena o ithutile ke yona tsela e tjenaeo ke dumela o nea a ntse a ahela ka ditshiba tsa ba bang ha a ntse a batla le mokgwa wa hae wa ho ngola. Re sale moo, o reng ka mokgwa wa hae wa ho ngolo ka kakaretso? Ke mokgwa oo motho a hlolehang hore a ka re o wa o tseba. Ke motho ya tsebang ho phetha pale ha monate ka hona a etsang hore ka di nako tsohle e utlwisisehe. Empa ka nako tse ding o na le ho tjentja mmala o bone fela a se a ngotse ka mokgwa o thata. O kgona hore a bue ka dintho tse ngata tsa bongodi. Ke mokgwa oo re ka reng o na le tshwaetso ya bongodi ba Aforika le Mose. Hapeke mokgwa oo bontshang hore o se a hodile bongoding.Boholo ba dintho tseo a ngolang ka tsona le ha hona le meruso kapa bobe o netefatsa hore ka di nako tsohle o dula a ngola ka mokgwa o fanang ka mohlala o motle. Hona ke mokgwa wa hae wa bophelo o dula a na le botho, a utlwela bohloko, a sheba ka leihlo la ho ipeha dieteng tsa motho le ho ba le tsebo e ngata.
Bolaji a ka re mohlomong o seya ka moedi, empa o hlohile kgethollo ya mmala ka pelo ya hae yohle. “Ho ya ka nna ke nahana motho a ka loka kapa a ba pelo e mpe; ha se ntho e amanang le mmala, kapa thuto kapa boemo ba motho ba bophelong.” Ke ile ka lemoha hona mohlang Bolaji a neng a dutse le nna hoella maqalong a selemo sa 2013, o ne a ntse a bala lesedinyana le tswang ‘Interneteng’ e fonofonong ya hae ya thekeng. Ha ke ya utlwa hore na o ile a reng ke ile ka utlwa ha a se a phasoloha a re “Frank Lampard.” O ile a qhoma hanghang moo a neng a dutse teng a phahamisitse letsoho la hae le letona ka lethabo le kgaphatsehang. “Frank Lampard o boetse o ipabotse ka makgabane a hae a bolo ya maoto!O robile rekoto! Ha jwale e se e le mohlaba dintlha ya ka hodimo wa sehlopha sa Chelsea mane London.” Ke ne ke maketse; haholo jwang ke ne ke tseba hore Bolaji ha se molatedi e moholo wasehlopha sa Chelsea. Ke ne ke makatswa ke hore hobaneng jwale a nyakalletse?Yaba ke tlelwa ke mohopolo wa hore hona empa e le feela karolo ya hae ya botho jwalo ka ha re motlwaetse.O ne a utlwetse Lampard bohloko mme o ne a molakaletsa hore a robe rekoto. Ke ka moo Bolaji a leng ka teng. Mohlala o motle ke kamoo Bolaji a tekang taba tsa hae ka teng bukeng ya Tebogo Fails (2013) ho latela qotso ena e latelang: “Re ile ra fumana lepatlelo, le kang makgulong a matala, patsi, e kgahlang e le ka nnete.E ne e le sebaka serenang moya wabaratani. Ho rohakehile batho ba sentseng sebaka sena, ba se sentse ka hore batleho sona ka mehla hara mafifi batlo hlasela basadi ba tsamayang ba le bang. Empa ke sa tjho moya o renang sebakeng sena o ne o le monate. O ne o etseditswe baratani… batjha ho sa natsahale hore na ba bohlale hole ho kae ba dula bana le karolo eo ya ho se tsotelle. Bofokodi ba bona ke hoba le sebete saho tsamaya dibakeng tse kotsi tsa lefatshe. Ka bo madimabe banana ba bangata ba tshwanetse hore e be ba tsamaile mona kgafetsa e le tsela ya bona ya fihla kapele moo ba yang teng. Peto e fapane le polao. Ha hona ngwana ya dumelang hore o tla bolawa. Batho ba ihlomphang ha ba utlwisi banaba lefatshe bohloko…” (ho tswa ho buka ya Bolaji e bitswang Tebogo Fails-2003) E bile ho ya makatsa mokgwa oo Bolaji a neng a kgona ho bona ntho hantle ka moo e neng e etsahala kelellong ya hae, puisano, maemo a ditaba, haholo kutlwelo bohloko – ha a hlile a batla. Mokgwa oo ke hlonephang bananyana bane ba Bronte, mohlala o tlisitswe ke bolaji ka mora hore ke kopane le yena.Ha se felaka bongodi ba baradi banaba Bronte ba ne ng ba tsebahala empa le mokgwa oo ba hlokahetseng ka ona ba sa le banyane. Ke hopola tsatsi la mahlonoko ha Bolaji a ne a mphethelaka maphelo a banana banaba ha Bronte,e ne eka o ne a ba bona taba tsa bona ponong;o ile a etsa eka ba ya phela mme rena le bona ha mmoho le yenaka nako eo a ntseng qoqa taba tsa bona. Ke ya o tiisetsa e ne e ka Bolaji o kile a phela le bona dilemong tse fetang makgolo a mabedi tse fetileng.Nakong tsane tseo ka tsona ho neng ho sena motlakase, dikoloi le jwalojwalo, moya o maphodi o otla dithabaha monate, jwalojwalo.Bolaji o ile a qoholla ketsahalo ya masisapelo ya ho hlokahala ha Emily Bronte (mongodi wa buka e bitswang Wuthering heights). O ne a qoqa Jwalo ka ha e ka o ne a le moo mohlamonene. O ile a bua ka mokgwa oo ngwananyana enwa a neng a ohlola ha bohloko ka teng. Le bosiu ba mahlonoko mohlang a tla leba ha maotwanafinyela. O ile a hlokahala a qeta ho fepa ntjanyana ya hae; Bolaji o ile a bua ka mohlolo wa horentjanyana ena ya Emily e ileng ya utlwa bohloko mme ya nto hlaba moholo nako e telele ka mora hore ho utlwahale hore monga yona o se a ile badimong. Ka mokgwa wa hae o ikgethileng wa ho natefisa ditaba tseo a di phethang, Bolaji o ile a tsepamisa maikutlo ho kamoo morwetsana enwa wa babararo Charlotte(sengodi sa buka ya Jane Eyre) a ileng a utlwa bohloko ka teng. O ne a saka a bona ho hlokahala ha kgaitsedi ya hae feela, empa o ile a bona ka moo a hlokahetseng a sa le monyane ka teng. Empa le yena o ile a tsamaya tsela ya bona bohle a hlokahala a bolawa ke lefu la mofuta ona oo. Nako eo Bolaji a kgutlisang setshwantsho sa ho hlokahala ha Anne – Charlotte o ile a tshoha ha a utlwa ka lefu la Anne ka moo a neng a ohlola ha bohloko ka teng – le nna ke ile ka fumana mahlo a ka a tletse dikeledi… Ke ile ka bua ka dingolwa tseo batho ba nang le matla a hobua ka bohlotsa le dintle tse teng ka hare ho buka, mabapi le Bolaji. Ka mora hore a kgothaletse batho ba bangata hore ba ngole o ile a re ho hlokala hore dibuka tsena dishebisiswe hantle ho bue phatlalatsa ka bohlotsa le dintle tsa tsona buka tseo tsa bona. Nakong ya ho feta o ile a tletleba ka hore dibuka tse ngata ha di bonahale ka baka la hobane dingodi di tshaba ho jwetswa bohlotsa ba buka ya hae. Ke boemo boo le nna bo sa njeseng ditheohelang; ka ha ho bohlokwa hore batho ba manollang dibuka ba lokela hore ba re tsebisa mesebetsi ya dingodi tse ding. Ka bo madimabe dingolweng hare bua ka karolo ena ya ho manollo dibuka o bontsha bohlotsa le dintle tsa yona ba e fa lebitso le ‘lebe,’ empa haele Bolaji yena o dula a labalabela ho bona dibuka tsa hae di balwa e bile di diphoso tsa tsona di pepeswa. Ho utlwela bohloko hona hwa hae o rata ho bona dingodi tsa lehae le tsona dibuka tsa bona di etswa jwalo. Ke ka hona Bolaji a ileng a batlana le batho bao a nahanang hore bana le talente mme a ba rupella ka tsela ya hae. Mofuta wa hae wa ho rupella ha obatle thupello e kangya sekolong empa o yaba tataisa, tataisa, tataisa… a ba kgothaletse ho bala mefuta e itseng ya dibuka.
Ka tsela e tjena, ditsibi di re ‘mohlala o molemo ho feta thupello,’ mme ho ya thabisa ho bona hore ke batho baba kae bao ba ithutileng ka ho bala dibuka tsa Bolaji tse kang bo, Fillets of Plaice(2000), Thoughts on Free State writing (2002), My Opinion (2005); ha mmoho le ditlabotjha,Miscellanous Writings (2011) le It Couldn’t matter less (2013). Mesebetsi ena e bontsha hantle hore Bolaji ke motho ya shebelang dingolwa pele e bile e le motho ya ntshang maikutlo lehoja a le ‘bonojwana a bile a utlwela bohloko’ haholo ha ho tluwa dingoding tsa lehae. Mohlomomg ke hobane yenaka hlaho ke motho ya sa rateng ho thonkga maqeba a batho. Kapa ke hobane e le letswa ka ntle mme o nahana hore o lokela ho sheba moo a hatang. Kapa Bolaji o dumela hore o lokela ho kgothaletsa ho ngola ho ena le ho sheba hore na batho ba ngotseng dibukeng tsa bona. (o shebe moo ke buang ka ho hlwahwa diphoso dibukeng hona bukeng ena). Empa ho kgetha nku ka pere ho tsamaisana le taba ena.Seo ke se ratang ha ngata batho ba bang bona ha ba se rate. Ha ngata mesebetsi ya Bolaji e ya bonahala hore o entswe tlamathata. Haeba a sa rate buka e ngotsweng ke motho e mong o kgetha ho itholela, kapa haeba a kgona (tjhe ha ba mokopile) o ya e lokisa hore e be le hobaleha. Ho ya thabisa ho lemoha hore morutwana wa mose e bile e le mohlwai wa dibuka diphoso, Achal Prabhala o ne a lemohile hore a ngole, ka mora hore a ithute ka dingolwa tsa Foreisetata. “Le ha a rahile qheme Bolaji o lomahanya menoho hlwaheng diphoso, jwalo ka ha e ka a ke se ke a kgona ho bua ka dingolwa tse mpe.O tlohella hoo ho Pule Lechesa eoyena a sa kgathaleng ho tshepjwa. Lechesa ke moqolotsi wa ditaba ebile ke sengodi, hape o fetoletse buka ya Bolaji ya senyesemane e bitswang Subtle transgressor ho Sesotho e le Joo letla shwa le tla botswa. Ke yena ya etsang hore dingolwa diphele ka hore a tsenkolle buka tsa dingodi tse ntseng di leka ho hlaisa dihlooho. Hoba motho e motsho ha se tekete yaho ngola ditsiebadimo- o tswere boikarabelo bo o motho a ke keng a bo rata haholo ha e le mona a le haufi le bangodi bana bao a pepesang diphoso tsa bona.” (Ephatladitswe ho inthaneteng le kgatisong ya pampiriChimurenga, ka July 2011) Ha Winnie Mokhomo ho tswa Gauteng mane a ne a tlilemona Bloemfontein hotla kopana le Bolaji malebana le ho mo hatisa hore ditaba tsa mosebetsi wa hae di phatlatswe sebapalamotadinge ka 2012 o ile a re o ne a qala ho bona diratswana, manollo tsa dibuka, ho hlwahwa dibuka diphoso tse lekanang le tsa Bolaji. O ile a re o ne a thabetse ho bala ka Bolaji hoo a bileng a etsa ka hohle hore a mo honyotolle. Ke ne ke le teng ha a ne a bolella Bolaji: “Ke ile ka lla ha ke lemoha hore wena Bolaji ha o rate dintho tsa setjhaba tsa sejwalejwale. Ke ne ke sa kgone ho bua le wena mathomong. Dinthong tsohle tseo ke di badileng ha hona e buwang ka bophelo ba hao. Ha o fumanehe di-Facebook kapa ho Twitter jwalojwalo. Mme waka o ile a nkgothatsa ka hore ka ha o motho ya phelang hotla ba le mokgwa wa hore ke o fumana.” Tjhe ke ikutlwa ke le motlotlo hore e be ke ile ka kgona hore ke etse hore Winnie a qetelle a kopane le Bolaji (ka lehlohonolo nna ke fumaneha dinthong tsena tsa setjhaba). Mohlala o mong o tswarehang ke ka moo Bolaji a potlakisang dintho hore di etsahale. Ka selemo sa2013 e mong wa dingodi tsa lehae ya bitswang, Ishmael Mzwandile Soqaga, o ile a phatlalatsa buka e etsang batho ba ingwae dihlooho e bitswang,Promoting Quintessential African Writing. Buka ena e ile ya amoholeha ka baka le tsebo e batsi eo sengodi senang le yon aka dingolwa tsa Aforika. Ha ke ne ke botsa Soqaga hore na ho tlile jwang a ngole buka ena ha ke ya kaka makala ha a ne a mpolella hore o fihletswe ke mohopolo ona a le dijong tsa motsheare le Bolaji. Soqaga o ile a re: ”O tseba hantle hore Ntate Bolaji o jwang ha a batla ho fanaka tsebo ya ntho tse itseng. Tsatsing leo o ile a bua ka bokgutshwanyane ka seratswana sa Setsebi sa dingolwa tsa mose eo a kileng a re dingolwa ha di yo Aforika mme e bile hona le leqeme la dibuka. Bolaji o ile a bontsha ho se etse diphuputso tse batsi tsa mongodi eo, mme o ile a bua ka dingodi tsa Aforika tse ka bang mashome a mararo tseo motho ka mong a phatlaladitseng dibuka tse ka bang leshome ho isa mashomeng a mabedi.
”Ke ne ke nyakalletse ha ke utlwa ditaba tsena mme ke ile ka nto ngola mabitso a bangodi bao fatshe. Jwalo ka ha e le tlwaelo ya kaya ka mehla ka morao ho moo ke ile ka etsa diphuputso tse keneletseng ka bangodi bao, mmeke ile ka fumana hore Bolaji o ne a opile kgomo lenaka ho tsohle tseo a di buileng ka bona. “Ke ile ka ipolella jwalo ka motho ya tsotella Aforika le dihlaiswa tsa yona,hore ke ka hobaneng ke sa ngole buka kaMme Aforika ya sotlehileng ka nako e telele, mme ke hlalose hore Aforika ho tloha qalehong, haholoholo nakong e ka etsang dilemo tse ka bang mashome a tsheletseng le a supileng, e kgonne ho hlahisa bangodi ba bangata le dibuka. Mosebetsi ona o ile wa ntswarella mme wa iponahatsa bokgabane ha buka e phethela…” Ho a tshepisa – e bile ke monyetla hape ho dingolwa tsa batho batsho Aforika - hore le hoja Bolaji a sa rate dintho tsena tsa sejwalejwale, o rata inthanete haho tluwa tabeng ya ho phatlalatsa ditaba tsa dingolwa ka potlako. Re leboha Modimo ka mahokahanyi a hae hae mona le mose, hape le boemo ba hae ba hoba sengodi se tummeng, o dula a netefatsa hore meqoqo, ho manollwa ha dibuka, dipuisano jwalojwalo di phatlatswa di-website-ng le di-blog-ong tse naheng e ipabolang ka dingolwa. Bophelo ba hae le seo le tema eo a e kgathileng dingolweng e supaka bokgeleke hore Bolaji e sa le a sa rate hore ho be le sehlopha se itseng sa bangodi seo e leng sona seoho buwa ka sona feela dingolweng; kapa ho dumela hore hobe le batho ba hodimo mane ba shebelang ba bang fatshe (dirutehi dikolong tsa thuto e phahameng) le hoba laola.Dirutehi tse ding di ntse di ikopanya le yena ho batla tsebo ya hae malebana le hore ho ntse ho etsahalang lepatlelong la bongodi ha jwale, dimanollo tsa dibuka tseo di sa fumaneheng ha bo bebe.
Mesebetsi eo Omoseye Bolaji a e phatlaladitse ke diemahale tse supang bophelo ba hae le seo a neng a batla ho se fihlella; empa hona ke karolo e nyenyane ya nyehelo ya hae. Dingodi tse ngata jwalo ka lehlabathe la lewatle bao a ba kgothaditseng (ke rata lentswe lena‘kgothatsa’ ho ena le ho ba ‘betla’.)- jwalo ka nna – ba ntse ba tswelapele ka ho ntshetsapele lentswe lengotsweng fatshe.Nako e telele eo a nang le yona dingolweng le ho ntshetsapele dingolwa ho sa natsahale hore o sotlehile nako e telele ho le ho kae bophelong empa se salang ke hore o ike ntse sengodi se ikgethileng. (Ka Pule Lechesa July 2013)